Tshepo

Tshepo ke ho hoditse ka thata
E le nna le mmago
Re nyolosa re theosa
Re sokolela bophelo ba hao
Ra ho ruta ho fihla lengolong lamatiriki
Ha o tshoanetse o sebetse o tsebe ho iphedise sa hao ke ho lelera
O nqabatsha le bameloane baka o leshodu o ea khuthutsa
O utsoa makoloi a batho
O hlupha le bana ba batho o silafaditse motse oaka yoh Tshepo
Ngoanaka

Nna ha o sale ngoanaka ha ke sa ho batla
O tla bona hore o tswa le kae
Ha o sale ngoanaka
Ha ke sa ho batla
O tla bona o tsoa le kae yoh Tshepo
Ngoanaka

Ke mmoleletse waka mosadi e leng yena mmaho
Hore a ke sa batla
Hoba o nhlotse
Ha ke sa ho batla
O tla bona hore o tswa le kae yoh Tshepo
Ngoanaka

Le yena mosadi waka e leng yena mmago
O re o likile mme o hlotsoe
Ha o hopole mantsoe a bebeleng a re
Hodisa ntatao le mmao Tshepo
Ngoanaka

Re se emetse mohlang phuphu ya hao e kenang mona lapeng
Re tsebe ho ho pata
Ha re sa ho batla
O tla bona hore o tswa le kae yoh Tshepo
Ngoanaka
Ha re sa ho batla, ha re sa ho batla
O moleko

Curiosidades sobre la música Tshepo del Steve Kekana

¿En qué álbumes fue lanzada la canción “Tshepo” por Steve Kekana?
Steve Kekana lanzó la canción en los álbumes “Hare Khumameng” en 1982 y “Sebabatso” en 1987.

Músicas más populares de Steve Kekana

Otros artistas de Soft rock