Ke Tlo Fihla

Mary Malehloka Hlalele

A mpopa Molimo
A mpha oa hae Moya o Halalelang
A nthoma lefatseng lena
Ka morero le sepheo
Ka mohau a mpha batswali ba lerato
Ke motlotlo ka bona
Ba mpontsa tsela
Ba ntataisa
Ba ntsupisa moo nnete e leng teng

Ba re ho nna
O tl'o fihla
O tl'o fihla
Moo o eang teng

Ba re ho nna
Le Nna
Ke tl'o fihla,
Moo ke eang teng
Le Nna le nna ke tl'o fihla moo ke eang teng

Ke ne ke sa tsebe hore mona ke lefatseng
Masisapelo, a hlasela o sa lebella
Ke ne ke sa tsebe hore mona ke lebaleng la ntoa
Le hloloang feela, ke lerumo la moya
Ho fumana pholoso
Ke ho latela la hae lentswe
Le reng:
Ke nna tsela, le nnete, le bophelo
Mefokolong ea ka o mpha matla
Mohau oa hao o'a ntatela
Lefifing ke eena khanya e reng:

Le Nna, le nna ke tl'o fihla moo ke eang teng

Músicas más populares de Maleh

Otros artistas de Contemporary R&B